OFISI YA MOPRESIDENTE
No. YA 58 YA 1995: MOLAO WA BOLAODI BA BOIPHIHLELO WA AFRIKA BORWA WA 1995.
Mona ho tsebiswa hore Mopresidente o amohetse Molao o latelang o phatlalatswang hore o tle o tsejwe:-
MOLAO
Ho nehelana ka ntshetsopele le tshebediso ya Moralo wa Boiphihlelo wa Naha, mme mabapi le maikemisetso ana e le ho theha Bolaodi ba Boiphihlelo b Afrika Borwa ; le ho fana ka ditaba tse tsamaelanang le wona.
O TLA LAOLWA ke Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa, tjena:-
Ditlhaloso
Molaong ona, ka ntle ha eba se ngotsweng se hlaositswe ka mokgwa o mokgwa o mong:-
"Bolaodi" ho bolelwa Bolaodi ba Boiphihleo ba Afrika Borwa bo thehilweng ka karolo ya 3; (viii)
"khampani" ho bolelwa khampani kapa koporasi ya bahwebi ba mmalwa e ngodisitsweng ka tlasa molao ofe kapa ofe, o thusang basebeletsi kapa barekisetswa ba yona ka thuto kapa thupelo; (v)
? "Molaodikakaretso" ho bolelwa Molaodikakaretso wa Thuto; (i)
iv. "Letona" ho bolelwa Letona la Thuto , mme mabapi le dipheo tsa karolo ya 4 , 4 , 4 , 4 , 4 , 5 ( C), 11,13 , 14 le 15 , Letona la Thuto le sebedisana le Letona la Mesebetsi;(vi)
v. "Moralo wa Boiphihlelo wa Naha" ho bolelwa Moralo wa Boiphihlelo wa Naha o amohetsweng ke Letona mabapi le ho ngodiswa ha maemo a naha le boiphihlelo;(vii)
vi. "profeshene ya ho ruta e hlophisitsweng" ho bolelwa mokgatlo kapa yuniono eo e leng setho sa Lekgotla la Dikamano tsa Mesebetsi la Thuto le thehilweng ho ya ka Molao wa Dikamano tsa Mesebetsi wa Thuto, wa 1993 (molao wa No.ya 146 wa 1993), mme o amohelwa ke Letona mabapi le dipheo tsa Molao ona; (ii)
vii. "balla" ho bolelwa ho balla ka molawana; (x)
viii. "boiphihlelo" ho bolelwa ho amohela ka molao katleho ya palo e hlokwang le boholo ba dintlha tse fuwang le ditlhoko tse ding tse jwalo maemong a qaqisitsweng a Moralo wa Boiphihlelo ba Naha jwalo ka ha a ka behelwa ke mekgatlo e lokelang e ngodisitsweng mabapi le sepheo sa Bolaodi ba Boiphihlelo ba Afrika Borwa; (iv)
ix. "ngodisitswe" ho bolelwa ho ngodiswa ho ya ka Moralo wa Boiphihlelo wa Naha; (iii)
x. "maemo" ho bolelwa dipolelo tse ngodisitsweng tsa thuto e labalabelwang le diphetho tsa thupelo le mokgwa wa ho hlahloba o tsamaelanang le ona. (ix)
Dipheo tsa Moralo wa Boiphihlelo wa Naha
? Dipheo tsa Moralo wa Boiphihlelo wa Naha ke ho-
a. bopa moralo wa naha o kopaneng mabapi le ho atleha ho ithuteng;
b. ho lokisetsa ho fihlellwa, ho ka tsamaya le ho tswela pele thutong, thupelong le ho ba le monyetla wa ho phahamiswa mosebetsing;
c. totisa boleng ba thuto le thupelo;
d. potlakisa ho kotelwa ha mehleng e fetileng ka kgethollo e neng e sa loka thutong, thupelong le ho fumana mesebetsi; mme ebe ka mokgwa oo e. ho ba le kabelo ntshetsopeleng ya botho bo felletseng ba moithuti e mong le e mong le ntshetsopele ya phedisano le moruo wa setjhaba kaofela.
Ho thehwa ha Bolaodi ba Boiphihlelo ba Afrika Borwa
? Mona ho thehwa sebopeho se tla nkuwa jwalo ka motho ka ho ya ka molao se bitswang Bolaodi ba Boiphihlelo ba Afrika Borwa.
Bolaodi bo tla ba le modulasetulo ya tla kgethwa ho ya ka karolwana ya , ditho tse tla kgethwa ho ya ka dikarolwana le , le mohlanka wa phethahatso ya tla kgethwa ho ya ka karolwana ya .
Letona le tla kgetha motho ya nang le boiphihlelo le bokgeleke ditabeng tse tsamaelanang le mesebetsi ya Bolaodi , hore e be modulasetulo wa Bolaodi.
Letona le tla kgetha batho ba latelang e le ditho tsa Bolaodi, ho ya ka moo ho ngotsweng ka teng karolwaneng ya 4-
a.????? setho se le seng se thontsweng ke Molaodikakaretso;
b.????? setho se le seng se thontsweng ke dihlooho tsa mafapha a thuto a diprovense;
c. setho se le seng se thontsweng ke Molaodikakaretso: lefapha la Mosebetsi;
d. setho se le seng se thontsweng ke Boto ya Thupelo ya Naha;
e. ditho tse pedi tse thontsweng ke mekgatlo ya naha e emetseng makgotla a mesebetsi;
f. ditho tse pedi tse thontsweng ke makgotla a naha a emetseng kgwebo;
g. setho se le seng se thontsweng ke Komiti ya Dihlooho tsa Diyunivesiti e thehilweng ke karolo ya 6 ya molao wa Diyunivesiti, wa 1955 (Molao wa No. ya 61 wa 1955);
h. setho se le seng se thontsweng ke Komiti ya Dihlooho tsa Dithekenikono e thehilweng ke karolo ya 2 ya Molao wa Dithekenikono, wa 1993 (Molao wa No. ya 125 ya 1993);
setho se le seng se thontsweng ke mokgatlo wa naha o emetseng dihlooho tsa dikholetjhe tsa matitjhere , mme se amohetswe ke Letona mabapi le sepheo sena;
j. setho se le seng se thontsweng ke mokgatlo wa naha o emetseng dihlooho tsa kholetjhe ya thekenikale , mme se amohetswe ke Letona mabapi le sepheo sena;
k. setho se le seng se thontswe ke mekgatlo ya naha e emetseng dikoletjhe tseo e seng dikoletjhe tsa matitjhere le dikoletjhe tsa thekenikale, mme se amohetswe ke Letona mabapi le sepheo sena;
l. setho se le seng se thontsweng ke mekgatlo ya naha e emetseng thuto ya motheo ya batho ba baholo le karolo ya thupelo , mme se amohetswe ke Letona mabapi le sepheo sena;
m. setho se le seng se thontsweng ke mekgatlo ya naha e emetseng karolo ya ntshetsopele ya bongwana sethathong, , mme se amohetswe ke Letona mabapi le sepheo sena;
n. ditho tse pedi tse thontsweng ke profeshene ya ho ruta e hlophisitsweng;
o. ditho tse pedi tse thontsweng ke mekgatlo ya naha e emetseng dileketjhara le barupedi, mme di amohetswe ke Letona mabapi le sepheo sena;
p. setho se le seng se thontsweng ke mekgatlo ya naha e emetseng karolo ya ditlhoko tse ikgethileng tsa thuto, mme di amohetswe ke Letona mabapi le sepheo sena;
q. ho se be le ditho tse fetang tse tsheletseng tse kgethilweng ke Letona ho ya ka moo a ratang ka teng;
r. ho se be le ditho tse fetang tse pedi tse hoketsweng ke Bolaodi ho ya ka moo a ratang ka teng , mme tsa kopelwa ho Letona hore di kgethwe.
Mabapi le ho batla dithonyo jwalo ka ha ho nahannwe karolwaneng ya 3, Letona le tla tsebisa Koranteng ya Mmuso ka maikemisetso a hae a ho kgetha Bolaodi, mme o tla kopa motho ofe kapa ofe, kapa mokgatlo ofe kapa ofe mafapheng a hlalositsweng karolwaneng ya 3 ho fana ka mabitso a batho bao, ka lebaka la boiphihlelo ba bona le bokgeleke ditabeng tse tsamaelanang le mesebetsi ya Bolaodi, e ka nna ya eba bakgethwa ba loketseng ho ka kgethwa e le ditho tsa Bolaodi, mme ha ho fanwa ka mabitso a bakgethwa ho nahanwe le ka mokgwa wa boemedi ba bohle.
Mabapi le dithonyo tse nahannweng temaneng ya n ya karolwana ya 3, mokgatlo kapa yuniono e thonye motho a le mong feela.
Setho sefe kapa sefe sa Bolaodi ka ntle ho mohlanka wa phethahatso, o tla ba ofising nakong e ke keng ya feta dilemo tse tharo, ho ya ka moo Letona le tla nahanang ka teng nakong ya ho kgethwa ha hae, mme setho se ka kgethwa ho ba ofising nakong e nngwe hape ha nako ya hae ya pele e fela.
Letona, ha le tlatsa sekgeo sefe kapa sefe, le tla nahana ka dipehelo tsa karolwana ya 3.
Ditho tse nahannweng karolwaneng ya 2 le 3, ka tumello ya Letona, di tla kgetha motho ya nang le bokgoni hore e be mohlanka wa phethahatso ho ya ka mabaka a mosebetsi a tla behwa ke Bolaodi ka tumello ya Letona, mme ho dumellanwa le Letona la tsa Ditjhelete.
Mesebetsi ya Bolaodi
Ho latela dipehelo tsa karolwana ya , Bolaodi bo tla-
a. (i) hlokomela ntshetsopele ya Moralo wa Boiphihlelo wa Naha; mme ii le rale le ho phatlalatsa maano le mekgwa ya ho hlahloba mabapi le-
aa. ho ngodiswa ha mekgatlo e ikarabellang ho thehweng le thupelong ya maemo kapa boiphihlelo; mme di amohetswe ke Letona mabapi le sepheo sena;
bb. ho fa mekgatlo e ikarabellang le ho hlahloba dikatleho ka ho ya ka maemo kapa boiphihlelo;
b. hlokomela ho sebediswa ha Moralo wa Boiphihlelo wa Naha, ho kenyeletswa-
ho ngodisa kapa ho fa mekgatlo dintlha tse boletsweng temaneng ya (a) le hore ba abelwe mesebetsi;
ho ngodisa maemo a naha le boiphihlelo;
mehato ya ho netefatsa hore ho sebetswe ho ya ka moo ho balletsweng ka teng ho ya ka diphelo tsa ho fana ka dintlha; le iv. mehato ya ho netefatsa hore maemo le boiphihlelo bo ngodisitsweng a ka bapiswa le a matjhaba;
c. eletsa Letona ka ditaba tse amanang le ngodiso ya maemo le boiphihlelo; le d. ba le boikarabelo ba ho laola ditjhelete tsa Bolaodi.
Bolaodi bo ntshetse pele maikemisetso a Moralo wa Boiphihlelo wa Naha jwalo ka ha ho ngotswe karolong ya 2, mme bo phethe mesebetsi ya Bolaodi jwalo ka ha e ngotswe karolwaneng ya 1-
a. ka mora dipuisano le tshebedisano le mafapaha a puso, mekgatlo e hlonngweng ka ho ya ka taelo ya molao wa motheo, dikhampani, mekgatlo le diinsititjushene tse ikarabellang thutong, thupelong le ho fana ka disetifikeiti tsa maemo tse tla angwa ke Moralo wa Boiphihlelo wa Naha;
b. ho ya ka mekgwa e fapaneng ya bokgoni ya Palamente le makgotla a etsang molao a provense ho ya ka karolo ya 126 ya Molao wa Motheo, le ditokelo, matla le mesebetsi ya mekgatlo e busang ya yunivesiti kapa diyunivesiti le thekenikono kapa dithekenikono jwalo ka ha ho ngotswe Molaong ofe kapa ofe wa Palamente.
Mesebetsi ya mohlanka wa phethahatso
a. ba le boikarabelo Bolaoding mabapi le ho phethahatsa mesebetsi ya bona ho ya ka Molao ona;
b. hlokomela bahlanka le basebeletsi ba Bolaodi; mme c. o tla sebetsa ka ditjhelete tseo Bolaodi bo di amohelang, ho lefa, thepa e ka tsamaiswang ke Bolaodi.
Mohlanka wa phethahatso o tla thuswa mosebetsing wa hae ho ya ka karolwana ya ke bahlanka le basebeletsi ba Bolaodi jwalo ka mohlanka wa phethahatso a lebelletswe ho fihlella sepheo sena.
Matla a Bolaodi a.???? Bolaodi bo ka theha dikomiti le ho kgetha batho bao e seng ditho tsa Bolaodi hore ba be dikomiting tseo.
b.??? Bolaodi bo tla kgetha modulasetulo wa komiti e nngwe le e nngwe.
c.???? Bolaodi bo ka qhala kapa ba theha komiti hape.
d.???? Bolaodi bo ka nna ba sebedisa matla afe kapa afe a bona, ka ntle ho matla a hlalositsweng karolong ena, ho komiti efe kapa efe ya bona, empa bo ke ke ba nehelana ka matla ao e a filweng, mme bo ka nna ba hula matla ao neng kapa neng feela.
e.????Bolaodi bo ka fetola kapa ho beha ka thoko qeto efe kapa efe ya komiti eo.
Bolaodi bo ka rarolla mathata a tsamaelanang le ho phethahala ha mesebetsi e hlalositsweng karolong ya 5.
Bolaodi bo ka amohela kapa ba nehelana ka leruo la bona.
???????? Bolaodi bo ka baka hore ho be le phuputso eo e e nahanang hore e tlamehile ho etswa ho phetha mesebetsi ya bona.
???????? Bolaodi bo ka nna ba phetha mosebetsi ofe kapa ofe oo Letona le ka dumellang hore o etswe e le o loketseng Moralo wa Boiphihlelo wa Naha.
Dikopano tsa Bolaodi le dikomiti
Dikopano tsa Bolaodi kapa tsa komiti di tla tshwarwa nakong eo le sebakeng seo modulasetulo wa Bolaodi kapa wa komiti , ho ya ka maemo a ditaba, a tla inahanelang tsona.
Mesebetsi ya Bolaodi kapa ya komiti ha e na ho ba ya lefeela ka lebaka la ho hlokahala ha sekgeo sa mosebetsi Bolaoding kapa komiting, ka moo ho ka bang ka teng feela
Ha modulasetulo wa Bolaodi kapa wa komiti a le siyo kopanong efe kapa efe ya Bolaodi kapa komiti, ho ya ka maemo a ditaba, ditho tse teng di tla kgetha hara tsona motho eo e tla bang modulasetulo wa dikopano tse jwalo
Bolaodi bo ka balla melao e tsamaelanang le ditsamaiso dikopanong tsa bona kapa dikopanong tsa komiti, ho kenyeletswa palo e loketseng ho tswela pele ka kopano ya ditho tse teng mabapi le dikopano tse jwalo.
Ho tlohela marapo ha ditho tsa Bolaodi
Modulasetulo kapa setho sefe kapa sefe sa Bolaodi seo ho hlalositsweng ka sona karolong ya 4 se tla tlohela marapo ha -
a. ha se ka amohuwa leruo la sona kapa a tlameha ho dumela ho lefa molato ho eo se mo kolotang;
b. ha se ka iswa sepetleleng sa mahloko a kelello ka ha se kula kelellong ho ya ka molao ofe kapa ofe;
c. ha se ka ba siyo dikopanong tse tharo tse latellanang tsa Bolaodi ka ntle ho ho kopa ho ba siyo Bolaoding;
d. ha se ka kopa ho tlohela marapo ka ho ngolla Letona; kapa e. ha ka nako eo se dutseng tsa maratswana a ka fumanwa se le molato , mme a ahlolelwa tjhankaneng ho se na hore se ka lefa.
Ditjhelete tsa Bolaodi
?????? Ditjhelete tsa Bolaodi e tla ba-
a.????ditjhelete tse lekanyeditsweng ke Palamente hore ho tle ho fihlelwe sepheo sa Bolaodi;
b.????ditjhelete tseo Bolaodi bo di amohetseng ka lebaka la melawana e entsweng ho ya ka karolo ya 14;
c.????ditjhelete tse fumanweng ho ya ka dikadimo tseo Bolaodi bo iketseditseng tsona ka tumellano ya Letona, ho dumellanwe le Letona la tsa Ditjhelete;
d.????dimpho le diphehiso kapa ditjhelete tse fumanwang ke Bolaodi ka ho phatlalatsa ho hong ho rekiswang; le e.????phaello ya matsete.
Bolaodi bo tla sebedisa ditjhelete tsa bona ho fokotsa ditshenyehelo ho ya ka mosebettsi wa bona.
? a Bolaodi ka nako e nngwe le e nngwe ya selemo sa ditjhelete, ka nako eo le ka mokgwa oo Letona le ka e lekanyetsang , bo tla romela setatemente sa tekanyetso ya kuno le ditshenyehelo tsa selemo se latelang ho Letona hore a se amohele.
b ditjhelete tse lekanyeditsweng karolwaneng ya 1a di tla sebediswa ho ya ka setatemente se amohetsweng se hlalositsweng temaneng ya a, mme ditjhelete tse setseng tse sa sebediswang di tla fetisisetswa e le tjhelete e teng ya selemo se latelang sa ditjhelete.
Ho latela dipehelo tsa karolwana ya 3b, Bolaodi bo ka tsetela karolo efe kapa efe ya ditjhelete tsa bona ka mokgwa oo Letona, le dumellane le Letona la tsa Ditjhelete, le tla dumelang ka teng.
Bolaodi bo ka ahlolela kapa la leballa ditefello-
a.????? ho fana ka ngodiso efe kapa efe le kamohelo; le b.????? mesebetsi efe kapa efe e entsweng ke Bolaodi.
Bahlanka le basebeletsi ba Bolaodi
Bolaodi, ho latela maemo a mosebetsi a lekanyeditsweng ke Bolaodi ka tumello ya Letona le tumellano le Letona la tsa Ditjhelete, bo ka kgetha bahlanka le basebeletsi jwalo ka ha Bolaodi bo ikgethela hore mesebetsi ya bona e tle e phethahale ho ya ka Molao.
Menyetla ya ditjhelete le ditefello tsa ditho tsa Bolaodi le dikomiti
Modulasetulo, setho sefe kapa sefe sa Bolaodi le motho ofe kapa ofe ya kgethilweng e le setho sa komiti ka tlasa karolo ya 7 ya sa sebeletseng Puso ka botlalo, ho latela mesebetsi eo a e entseng ho ya ka ditaba tsa Bolaodi kapa komiti, a ka nna a lefuwa ke Bolaodi-
a.????? maeto, diphomosetso le menyetla ya ditjhete e meng; athe b.????? tabeng ya modulasetulo Bolaodi, Letona ka tumellano le Letona la ditjhelete a ka lefa modulasetulo ka ho mo ekeletsa tefello jwalo ka ha ho lekanyeditswe.
Hlahlobo ya dibuka tsa ditjhelete le pehelo ya selemo
Dibuka le disetatemente tsa ditjhelete tsa Bolaodi di tla hlahlojwa mafelong a selemo se seng le se seng sa ditjhelete ke Mohlahlobikakaretso.
Bolaodi bo ke ke ba fetisa nako ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora ho fela ha selemo sa ditjhelete se seng le se seng ho romela ho Letona pehelo jwalo ka ha Letona le ka lekanyetsa ka mosebetsi wa lona nakong ya selemo sa ditjhelete, ho kenyeletswa le tokomane ya tjhelete e hlahlobuweng e setseng ya kuno le ditshenyehelo.
Letona o tla tekela dikgatiso tsa pehelo, ho kenyeletswa le tokomane ya ditjhelete tse setseng le setatemente sa kuno le ditshenyehelo tse hlalositsweng karolwaneng ya 2, Palamenteng matsatsing a 14 ka mora ho amohelwa ha yona ha eba Palamente e kopane ho ya ka tlwaelo, kapa, ha eba Palamente e sa kopana ho ya ka tlwaelo, matsatsing a 14 ka mora hore e qale ka kopano ya yona e tlwaelehileng e latelang.
Melawana
Bolaodi, ka tumellano ya Letona, bo ka etsa melawana e tsamaelanang le-
a. taba efe kapa efe eo ka lebaka la Molao e hlokehang kapa e dumellwang hore e hlaloswe;
b. tjhelete e lefuwang Bolaodi ho latela ditaba tse hlalositsweng karolong ya 10 (a) le (b); le c. taba efe kapa efe eo molawana wa yona e leng wa bohlokwa ho fana ka thuso dipehelong tsa Molao ona.
Dintlha tsa nakwana tse tsamaelanang le makala a leng teng
Lekala lefe kapa lefe le thehilweng ka molao le phethang mesebetsi e tshwanang le ya Bolaodi jwalo ka ha ho hlalositswe karolong ya 5, le tla tswela pele ho phetha mesebetsi eo ho fihlela mokgatlo le be le fediswe kapa mesebetsi ya lona e fetolwe ka molao.
Ha ho lekala lefe kapa lefe le hlalositsweng karolwaneng ya 1 le tla fediswang kapa mesebetsi ya lekala le jwalo e fetolwe ho fihlela Bolaodi le lekala mmoho ba hlahlobile se ka etsahalang jwalo ka ho fediswa kapa ho fetolwa le ho sebediswa ha Moralo wa Boiphihlelo wa Naha, mme ho etswa dikgothaletso ho Letona.
Sehlooho se sekgutshwane
Molao ona o tla bitswa Molao wa Boiphihlelowa Afrika Borwa wa 1995.
